The People's FORUM Official

The People's FORUM Official The People's FORUM ke mokhatlo o emetseng ho sireletsa Basotho bohle ka hare ho naha ea South Africa mathateng ao ba ka kopanang le ona.

20/06/2020
07/06/2020

MA-AFRIKA BOROA A RE MECHAFO EA LESOTHO HA E EA AMOELEHA NAHENG EA BONA

Ka mora phatlalatso ea h**e Minerals Council naheng ea Afrika Boroa e kene lipuisanong tsa h**e mechafo ea Lesotho le Mozambique e sebetsang merafong naheng eo e lokisetsoe h**e e khutlele mesebetsing, baahi ba Afrika Boroa ba jajabelitse 'muso ka mantsoe a bohale.

Baahi bana ba re melata ena ea Lesotho le linaha tse ling e ba tenne e tlohelloe linaheng tseo tsa bona ho fuoe baahi ba Afrika Boroa menyetla ea pele.

Ba re boteng ba Coronavirus bo ba thusitse ho hleka melata mesebetsing ea bona joale ke phoso h**e ba khutlisetsoe naheng ea bona.

Sena se hlahella ka mora h**e basebetsi ba merafong ba fetang 9500 ba Lesotho le Mozambique ba ts'oasehe linaheng tsa habo bona ka lebaka la melaoana ea qomatsi e koetseng maliboho le ho thibela batho bolokoli ba ho tsamaea ka lebaka la seoa sa Coronavirus.

Lipuisano tsa h**e mechafo e khutle li ntse li tsoela pele empa sechaba sa Afrika Boroa se re ha seea thabela sena melata e boele habo eona mesebetsi eo ea bona e fuoe ma-Afrika Boroa.

Please read and share
31/05/2020

Please read and share

25/05/2020

The Peoples FORUM relieve fund ke mokotla o reretsoeng ho arabela litlhokong tseo Basotho ba hlokang ba leng ka hara tsona ka lebaka la lockdown e bakiloeng ke seoa sa Covid 19 . Basotho ba sebetsang ba kopuoa ho thusa Basotho ba tlo angoa ke lefu lena ka kotloloho maemong ana ao Basotho ba ntseng ba khetholloa phanong ea lijo le litshebetsong tse ling tsa mantlha . Re sa emetse le h**e 'Muso o mocha oa Lesotho otlo arabela mathateng oa Basotho ba lulang SA ba kopanang le ona.

Update
Re se re bokelletse chelete e kalo ka R700

Ha re khothaletseng Basotho ba sebetsang le ba itshokolang h**e ba kenye letsoho ho tloha ka R50 . Re ka etsa deposit account ea The Peoples FORUM ea ( FNB 62847653111) , reference ; relieve Fund kapa Surname ( fane ) .

For more info : WhatsApp these numbers

Ntate Maruping @ 072 140 1166
Mme Violet @ 065 381 3895

19/05/2020
18/05/2020

THABANE OA INEHELA - MOKHERANE

Ka mora ho leka ho its'oarella ka kosene le ho hana ho tsoela Basotho ka ntlo, tonakholo Motsoahae Thomas Thabane o tla inehela a lebe polateng ea hae makhoakhoeng.

Sena se hlalositsoe ke e mong oa mahlana a hae Mokherane Tsatsanyane ea buileng ka pele e bohloko leqepheng la hae la facebook a re ntoa e bahlotse Thabane o tlo itokolla.

Thabane o tla hopoloa ka tse ntle le tse mpe joalo ka motho e mong le e mong ea nang le matla le mefokolo.

Empa leha hole joalo sechaba sa Basotho se keke sa moleballa h**e o ile a nehella Basotho ka mosali oa hae ea balileng paliso h**e a ba tsamaisetse naha.

Thabane o tla boela a hopoloa ka puso e bolileng kaho fetisisa e sale naha ea Lesotho e fumana boipuso. O ile a fetola Basotho mafutsana a mehefo ka ho ba amoha khoebo ea bona ea boea a e fa molata oa Lechaena.

Hara tse ling Thabane o tla hopoloa ka ho nka masholu le litloli tse ling tsa molao a ba beha kapele sechabeng a ba etsa matona le bahlompheli ba baholo.

Thabane o tla hopoloa hape ka puso e fenethileng Basotho ba ba ngata kaho fetisisa ba shoelletseng lipotsong matsohong a sepolesa kamora ho phatlalatsa leano la h**e ba khakhathoe.

Hape Thabane o tla hopoloa ka h**e o qetelletse a itokolla leha mahlana a hae a jang ka pherekano a kenyelletsang ramolao e moholo oa 'muso Haae Phoofolo a ne a hana hanang ea banana h**e a itokolle.

Tebello e kholo ke h**e ba tla kena pusong ba ithutile ka liphoso tsa Thabane 'me ba tla fetola limpe tsa hae ba etsetse Basotho bohle naha e mofuthu.

Address

Johannesburg

Website

Alerts

Be the first to know and let us send you an email when The People's FORUM Official posts news and promotions. Your email address will not be used for any other purpose, and you can unsubscribe at any time.

Share