10/02/2026
Offisi ea rona e fana ka litsebeletso tse lateng:
1.NETEFATSO EA LITOKOMANE TSA LESOTHO
-Ha u tlo netefatsa litokomane (Verification of Documents) u tla le litokomane tseo u hlokang ho li netefatsa. E ka ba Lesotho Passport,Lesotho Identity document, birth certificate le death certificate. Ha u tlise likopi u tlisa li original.
2.TOKOMANE EA HO TSAMAISA MOFU
-Ha mofu oa hau a hlokahalletse Africa Boroa eba o ilo pateloa Lesotho, u tla le lengolo la lelapa le nang le mabitso a motho ea tla felehetsa mofu kapo ea tla khahlametsa mofu borokhong(border gate). Lengolo le ngole mabitso le letsatsi la tsoalo la mofu le h**e na o hlokahelletse kae ka letsatsi le feng. Le boele le hlakise letsatsi la lepato, setereke le motse oo mofu a ilo pateloa teng.
-Lengolo le be le setempe sa morena le mabitso a litho tse tharo(3) tsa lelapa.
-U boetse u tla le Passport ea motho ea tla tsamaisa mofu kapa ea tla khahlametsa mofu borokhong (border gate) e nakong,e sa jang matsatsi.
3.TOKOMANE EA HO EA LESOTHO EA NAKOANA (TEMPORARY TRAVEL DOCUMENT
E fanoa haeba u lahlehetsoe,kapa u utsoelitsoe kapa lebaka le feng kapa le feng le entseng h**e u hloke Passport. Leha eba ngoana oa hau o hlahetse SA joale u batla ho lo mo etsesa litokomane tsa Lesotho.
-Mona u tla le copy ea passport ea hau kapo ID/ birth certificate ea Lesotho h**e re netefatse h**e u Mosotho.
-U tla le foto ea passport (Passport size photo)
-U boetse u tlisa affidavit e hlakisitseng mabaka a u hlokisitseng passport.
4. LENGOLO LE Lokollang licheletse tsa UIF
-U tla le litokomane tsa mosebetsing le Passport ea hau e nakong e sa jang matsatsi.
5. Mangolo a tumello ea lenyalo moo motho a batlang ho nyaloa Afrika Boroa (Letter of Non-impedement)
-Ha u tlo nyaloa/nyala South Africa, u tla le lengolo le bont'sang h**e ha uso nyaloe/nyale hohang Lesotho leo u tla le etsetsoa Home Affairs Lesotho.
-U boetse u tla ka Police Clearance ea Lesotho,lD le passport
6.HO THUSA LE HO KENA LIPAKENG MOO BASOTHO BA KOPANANG LE MATHATA LITS'EBELLETSONG TSE LING KAHARE
Mona Mosotho o tla ofising ea rona a tlo re joetsa bothata ebe re hokahana le ofisi e ikarabellang kapa sebaka seo a fumanang bothata ho sona ebe rea shebisana h**e na re mo thusa joang.
7.TATAISO MALEBANA LE KOPO EA VISA
Ena e ama batho ba linaha tse ling ba batlang ho etela Lesotho kapa ho ea ka mabaka a fapaneng. Ba ka tla ofising ra ba tataisa h**e na ho hlokahala litokomane lifeng.
Re fumaneha
Johannesburg Braamfontein
222 Smit Street 21st floor
Klerksdorp 20 Nesser Street
Sanctum Building New Town
Welkom Unit 201 10 Elizabeth Street
Elizabeth House
Durban, West Street, Durban Central